Mantaha wa 19 Mphalane 2015

♫Letla re bona mama♫

Baithuti le basebetsi ba etsa mohwanto kgahlano le nyollelo ya ditefello tsa hoithuta ka 10, 5 % le ‘outsourcing’ ya basebetsi. Mohwanto ona oile wa qala ka la 14 Phalane 2015. Mohwanto oile wa rehwa #FeesMustFall le #Endoutsourcing. Tsela ya ho hwanta ene ele ya ho sitisa ka kgotso.Leano le la nka mokgwa wa ho kwala tsela tsohle tse kenang sekolong. Hona ene ele ho fitisa molaetsa wa hore ha nyollelo ena eka kena tshebetsong baithuti ba bangata ba tla iphumana ba qhalletswe ka ntle ho sekolo mme ditoro tsa bona tsa ho ithuta di timetse.

Labohlano la 16 Phalane 2015 ketapele ya sekolo (council) eila ya dumellana le batho ba mohwanto ho kopana ka 19 Phalane 2015. Ka letsatsi la 19 Phalane 2015 ketapele ya sekolo e ile ya se ananele mantswe a yona mme ya sefihle ho buisana le baithuti. Bohle ba mohwantong ba ile ba kena ka nkane moahong o honeng ho dumelwane ho tshwarela kopano eleng Solomon house. Ho ile hwa kgethwa hore baithuti bohle ba ye ditseleng bakeng sa ho ipilahetsa teng, sena ele ho etsa hore Afrika Borwa yohle e bone tse etsahalang Wits.

Ha ba fihla tseleng ya Empire ba ile ba dula fatshe hara tsela ka kgotso mme ba bina moo ba lika ho kgothatsana. Ka mora nako e seng kae, sethoto se seng se neng se kganna koloi etshweu e neng e tsamaya ka lebelo le lehodimo sa fihla sa kena hara bona hoba qhalahanya. Ka baka la ho halefa batho ba hwantang ba ile ba lelekisa koloi ena, ha ba qeta ho e emisa ba ntsha mokganni ba mohela tsebe tsena mme le koloi ya lematswa haholo.O ile a eba lehlohonolo hobane maponesa aile a monamolela. Ka nako ena ho ile hwa bonahala hore ehlile kopano ke matla mahareng a baithuti le hore ha batho e le ngatana e le nngwe ba matla.

Dikopanong tsohle tsa baithuti Solomon House ke ile ka ithuta makgopo eo baithuti le basebetsi ba lebanang le ona tsatsi le letsatsi. Hona ho ile hwa nkokobetsa haholo mme hwa tlosa boiphapanyo ho nna. Ka nako eno ke ile ka bona karohano ya baithuti le basebetsi e fela. Ba ne ba dula ba buisana, ba bontshana maano, mme ba arolelana dipale tsa maphelo a bona. Solomon House ho bona e ile yaba lehae ka nako tsena tse bohloko.      

Mongodi : Clara Motaung

14 Mphalane 2015

Iyoo Solomon

Laboraro la 21 Mphalane 2015

♫Thiba ka mona

Thiba ka mona

Habib wa re tlwaela♫

Ka laboraro ba ile ba nka mohwanto baya Parktown sekolong sa Wits se rupellang mesuwe le mesuwetswana. Maru a ile a bokellana mme pula ya qala yana, fela meya ya bohle bao baneng ba hwanta ha e ya ka ba ya wa. Ba ile ba qala ka ho tsamaya ba tloha teng hara di pula ba bina dipina tseo dineng di ba thusa hore ba seke ba tlosa menahano ya bona ho seo ba neng ba se labalabela. Ho tloha Parktown ho fihlela Auckland Park palo ya baithuti mmoho le ba sebetsi e ile ya eketseha jwalo ha ntse ba tsamaya mme pina e sa tlohe melomong ya bona, ka sena bana ba banyane ba sekolo, bakganni tseleng, le baithuti ba seng ba qetile dithuto tsa bona ba Wits baile ba nka karolo. Ho bina ha bona, kopano le kgotso ya bona e ile ya siya letshwao le kekeng la tloha ha bonolo pelong tsa bohle ba ileng ba nka karolo le bohle ba ileng ba labella fela.

Ba ile ba thaba haholo ha ba lemoha tshehetso eo ba ileng ba e fumana hotswa setjhabeng. Boholo ba bona bo ne bo jewa ke letswalo la ho bua kgahlano le bobodu haholo ha bo etswa ke batho ba okametseng Mmuso wan aha le Wits. Ho kopana le batho ba bang le ho ithuta ka tseding tse etshahalang hara bona ho ile hwa ba fa sebete.

Ka nako ena ba ile ba hlokomela hore mohwanto ona ohola ka sekgahla. Tshietso ena e ile ya phahamisa maikutlo a bohle ba neng ba hwanta haholo.Ke ka nako tse tjena moo obonang hore ho tshehetsa batho leha hosa rarolle mathatha a bona ho bafa matla hore bona ka bo bona ba tobane le mathatha a bona.

Labone la 22 Mphalane 2015

♫Sizo funda nge nkane

Shewelele oha oho♫

 

Baithuti le basebetsi ba ile ba isa memorandum wa bona Luthuli House e leng ntlokgolo ya ANC . Sena ba ile ba se etsa ka kutlwisiso ya hore ANC ke yona e tshwereng mmuso wa Afrika Borwa. Borokgo bo reheletsweng ka ntate Mandela bo ile ba thothomela jwalo ka mangwele a motho a tshuhileng hoba bane baya ba lebile enngwe ya karolo tse kotsi tsa Afrika Borwa. Hona ho ile hwa paka hore batjha ba kgenne ha holo ke mmuso o etsang ditshepiso mme osa diphethise. Ba ile ba balla baemedi ba ileng ba emela mokgahlo memorandum wa bona mme ba kgutlela sekolong ka kgotso. Ha baya ba ka ba rata le ho utlwa ba buwa le bona hoba ba ne ba se ba lemohile hore ho buwa haholo hase ho phetha.

 

Mmuso wa rona o lebetse batho ba wona. Ena ke nnete eo boholo ba maAfrika Borwa ba bangata ba e tsebang . Ka nako ena nnete ena e ile ya otla ha bohloko pelong tsa batjha ba naha baneng ba batla ho ithuta empa mmuso wa bona o sa etse matsapa a ho etsa bonnete ba hore takatso ena ea phethehala. Re ne re utlwa hore ke nako e telele jwale mmuso wa rona o beha tlhoko tsa bona pele ho tsa bokamuso ba naha mme jwale mekgwa ena etlameha ho fetolwa ka makgakga.

Labohlano la 23 Mphalane 2015

♫ Solomoni

Iyoo Solomon

Solomon Mahlangu

Iyoo Solomon♫

Letsatsi la Union Buildings . Boholo ba bathuti bo ile ba ya Union Building ka tumellano le baetapele ba baithuti ka kakaretso ka sepheyo le morero wa hore ba ilo dula ka hara Union Building jwalo ka ha baile ba dula tseleng ya Empire le ka pela Luthuli House matsatsing a ho feta. Fela ha ba fihla teng moo Union Buldings maponesa ane a se a ba emetse mme a ba thibela ho phetha morero wa bona. Ba fihlile baithuti ba bang ba di unibhesithi tse ding tsa Africa Borwa sentse ba lwantshana le maponesa bakeng sa hore mopresidente wa naha a tle a buwe le bona. Ke ba rolela kgaebane e le kannete. Ha ke so bone boitelo le sebete se sekalo esale ke tswalwa.Ka mora dintho tsohle tseo di etsahetseng Union Buildings ka letsatsi leo eile ya e ba metlae hara baithuti ha base ba kgutletse sekolong ka ho nahana ka ntho tseo dineng di etsahala Union Buildings, fela hane re ntse re le Pretoria re ne re tshuhile haholo. Baithuti bane ba lelekisa maponesa le koloi tsa bona. Ha rona ba letswalo re ile ra di bona matswele hang ha re tshelwa ka gase entshang dikgapha. Bana ba Afrika Borwa bane ba kgenne ele ka nnete lebaka ele hore hona le hore mopresidente a buwe le bona, maponesa e laba ona a ba tshosetsang.

Laboraro la 28 Mphalane 2015

♫ Iagenda ya macapitalist

Asiye fune ,iagenda ya macapitalist♫

Letsatsi la ho lwanela basebetsi. Mosotho o buwa mantswe areng, “dikgapha tsa batho ha di wele fatse”.Setjhaba sa rona hase senyehe ka lebaka la ho ba le bokgoni empa se senyeha ka baka la ho hloka kutlwelo bohloko ho ba senang bokgoni.Ka tsatsi lena baithuti ba ile ba ithuta ka tsela empe eo basebetsi ba bang ba sekolong mona ba tshwerweng ka yona. Basebetsi ba amehang ke ba etsang mosebetsi wa ho kulumakang sekolo, ho hlokomelang dijalo le ba sebetsang mabenkeleng ka hara sekolo. Sekolo(Wits) se etsa di tumellano le batswa kantle ho sekolo mme batho bana ba sebedisa basebetsi hampe, sekolo ke kgale se tseba ka ketso tsena mme jwale nako ya hore se nke boikarabelo e ne e fihlile. Baithuti ba ile ba ithuta hore basebetsi bana ba kgodiswa tjhelete etlase ho swabisang, ha ba etsetswe pension fund ke beng ba bona, hore ba bang ha ba kene mobetsing nako e fetang e ba tshwanetseng ha ba qeta ha ba patalwe tjhelete eba loketseng. E ne ese kgetlo la pele basebetsi ba kenya kopo ya hore ntho ena ya outsoucing e fediswe ho sekolo hore sekolo se ba hire jwalo ka basebeletsi babang.Mohwanto kgahlano le outsourcing o ile wa qala ka la 6 Mphalane 2015 fela sekolo sa tswelapele ka ho se nkelle kopo tsa bona hlohong.Basebetsi ba ne ba fatela morao jaolo ka dikgoho.

 

Ka nako eo ba neng ba buwa le moemedi wa sekolo o ile a ba jwetsa hore o hloka kgwedi ho bona hore tjhelete tse tla hlokahala ho fedisa outsourcing di ne di tla tswa hokae. Basebetsi ba ile ba utlwa bohloko haholo ka lebaka la hore ene ese ele dilemo jwale sekolo ntse se buwa taba ena mpa se sa phethise. Ho ile ha ba bohloko le ho feta ho basebetsi hobane baithuti ka mora ho fumantshwa 0% ya bona tshehetso ho basebetsi ile ya fokola haholo. Hona ele hobane ba ne base ba batla ho ngola hlahlobo tsa bona tsa makgaola kgang. Empa ntwa e ne esa fela hoba bonyane bo ileng ba sala bo eme le basebetsi mathatheng a bona, bo ile ba tswelapele ba lwana, ba entse sena hoba ba utlwisisa hore nonyana e haela ka tshiba tsa enngwe. Ntwa kgahlano le outsourcing etibile haholo. Batho mona ba ne ba lwana kgahlano le kgethollo, ba ne ba lwanela dirithi tsa bona, bana ba bona le bokamoso ba bona.

Aluta continua!